Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ben Youssef o hlalosa tsela ya tshebetso ya hae le Kaze ho Chiefs

Setho sa bokwetlisi sa mehleng sa Kaizer Chiefs Khalil Ben Youssef, o hlakisitse tsela ya bona ya tshebetso ka nako ya ho kwetlisa Chiefs.

Ben Youssef ya neng a buisana le Andile Ncube, o hlalositse ha maemo a hae ke Cedric Kaze a ne a sa lekane ho latela ka moo batho baneng ba nahana ka teng.

“Cedric Kaze e ne e le motlatsa mokwetlisi wa bobedi, nna kene kele motlatsa mokwetlisi wa pele bakeng sa diqeto tsa ho qetela,” ho realo Ben Youssef.

Ben Youssef, o hlalositse ha mathata a Chiefs a tibile ho feta se bonwang ka mahlo mme a sa bone sehlopha setla hapa sehla haufinyana jwalo ka ha botsamaisi bo batla.

BALA: Tunisia e hlwaya mokwetlisi dihora ka mora ho nyaola Lamouchi

Pele ho karohano ya bona, Ben Youssef le Kaze ba file botsamaisi lenane la dibaka tse hlokang ho ntlafatswa ka dibapadi.

Le ha hole jwalo, sehlopha se nkile qeto ya ho arohana le bobedi bona ho kenyeletsa ditho tse ding hape tse pedi tsa bokwetlisi.

Ha jwale Chiefs e tletsetletse le lefatshe ho tsomana le mokwetlisi yatla hlahlama bobedi ho kwetlisa sehlopha.

BALA: Brayan Leon o qhwaya dihlopha ho itukisetsa sehla se tletseng dintlha