Bolo ya maoto

Motlatsa mokwetlisi Youssef o hlalosa mokgwa wa tshebetso

Motlatsa mokwetlisi wa sehlopha sa Kaizer Chiefs Khalil Ben Youssef, o hlalositse tsela eo ba sebetsang ka yona le mokwetlisi wa sehlopha, Nasreddine Nabi ya ntseng a le Tunisia.

Chiefs e se e bapatse dipapadi tse pedi tse bulang sehla ntle le mokwetlisi Nabi, eo e sale a leba lapeng Tunisia ka mora hore mofumahadi wa hae ameha kotsing ya koloi.

Ben Youssef ya sebetsang le Cedric Kaze o hlalositse ha Nabi e ba karolo ya boikwetliso ka tsela ya marangrang.

“Re itukisetsa papadi kaofela. Eya, ha a teng kwano empa o teng hobane re sebetsa jwalo ka sehlopha. Jwalo ka ditho tsa bokwetlisi re sebetsa kaofela,” ho realo Ben Youssef.

Boikwetlisong bo bong le bo bong re ya buisana, re kopana ka marangrang (Zoom) letsatsi le letsatsi jwalo ka sehlopha sa bokwetlisi. Re bua ka meralo le tsohle mme o dula a le teng.”

Chiefs e tla tobana le Richards Bay papading ya bona ya boraro hosane.

‘Natal Rich Boys’ ha baso hape papadi sehleng sena ha Makhosi ona, a so lahlehelwe dipapading tse pedi. Papading ena e tla thakgoha ka 19:30 mme yona e tla bapalla lebaleng la FNB, Johannesburg.

Papading tse ding tse tla bapala ka labobedi ke moo Chippa United e tla amohela TS Galaxy, Siwelele FC e amohele Polokwane City ha ditlabotsha Orbit College ditla amohela Sekhukhune. Papadi tsena kaofela ditla qala ka 19:30 bosiu.

BALA HAPE: pirates-le-sundowns-ditshabana-bophatswa