
Sundowns e leba boikwetlisong Austria ntle le Maseko
Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se nkile leeto la sona ho leba naheng ya Austria moo batla tshwara boitukiso ba bona ba sehla setlang.
Sehlopha sena se ile sa lokela ho fetola matsatsi a ho tswa ka hara naha ka lebaka la tahlehelo ya bona sebapadi Jayden Adams.
Le ha hole jwalo sehlopha se nkile qeto ya ho tsamaya ntle le sebapadi se melomong ya dihlopha tse ngata kantle ho Afrika Boroa Thapelo Maseko.
Maseko o kgutlile sehlopheng seo a neng a le ho sona sa AEL Limassol ka kadimo ka mora hore nako ya hae e fihle pheletsong.
Maseko ya batlwang ke dihlopha tse mose ho kenyeletsa SK Slavia Prague ya Czechia, ha a tsebe bokamoso ba hae le Sundowns eo ho utlwahalang e batla ho morekisa.
Sebapadi sena e bile karolo ya sehlopha sa naha sa Bafana Bafana mme a hlabela sehlopha ntlha ya tlholo kgahlano le South Korea ho thusa sehlopha ho fetela pele.
Tebello ke ho bona hore qeto ya moshwelella e tlaba e fe dipakeng tsa sebapadi sena le sehlopha.
BALA: Sehlopha sa Czechia se mehlaleng ya sebapadi sa Mamelodi Sundowns
