Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Khumalo o makatswa ke qeto ya Chiefs ya ho lokolla Lilepo

Sebapadi sa mehleng sa Kaizer Chiefs Doctor Khumalo, o makaditswe ke qeto ya sehlopha ya ho ho arohana le sebapadi se bileng le seabo se seholo sehleng se fitileng.

Ho utlwahale ha Chiefs e fihletse tumellano le sehlopha sa Al Ahly Benghazi thekisong ya Glody Lilepo.

Chiefs e lebile boitukisetso ba sehla ntle le Lilepo eo ho utlwahetseng sehlopha se ikemiseditse ho mamela dihlopha ka thekiso ya hae mme tsa moraorao dikuma ha tumellano e fihleletsweng.

Khumalo, o hlalositse ha a dumela ho bile le hose utlwane hwa ka hare e leng se ka etsang hore sebapadi le sehlopha ba fihlelle qeto ya mofuta oo.

“E bang a lokela ho tsamaya, o tla tsamaya ho leba moo a bona lekgulo le le letala,” ho realo Khumalo.

“Ho lokolla sebapadi sena ho bontsha ha hona le bothata ka hare boo nna le wena resa tsebeng ka bona. Hake dumele ho kaba le sehlopha se lokolla sebapadi sa mofuta ona ntle le mabaka.”

Pejana ho ile hwa utlwahala ha Lilepo a fihleletse ditumellano le sehlopha sa Raja Casablanca empa taba ya eo ya fella moyeng.

“Ke ne ke nahana o tlaba bohlokwa sehleng se tlang, haholo hao sheba dibapadi tseo sehlopha se ditekenneng.”

Hao lahlehelwa ke sebapadi sa lepheong se kgonang ho bapala jwalo ka mohlabadintlha, e tlisa dipotso.”

Chiefs e tla bapala papadi ya setswalle ya mohope wa TOYOTA mafelong a beke kgahlano le Scottland FC ya Zimbabwe.

Papadi ena e tla balapalla lebaleng la Royal Bafokeng ka mora dilemo sehlopha sena lebe North West.

BALA: Bafana Bafana ba nyoloha la dikgato tse 6 maemong a FIFA