
Kekana le yena o lla ka dipapadi tse tlang ka sekgahla
Sebapadi sa Mamelodi Sundowns sa lebota la morao, le sona se mathile mantsweng a mokwetlisi wa hae ka dipapadi tse tlang ka sekgahla.
Grant Kekana, o hlalositse ha sekgahla sa dipapadi tsa bona sena le kgahlamelo e seng monate dibapading.
Kekana, o bua sena ka mora hore mokwetlisi wa hae Miguel Cardoso, le yena a lle ka dipapadi tse ngata tseo ba dibapalang.
“Ho tloha ha ke fihla ho Mamelodi Sundowns, ho bile hoo e ka bang ka tsela e tswanang. Ka hoo, rona ba seng re qetile nako e telele mona re se re batla re tloaetse sena, leha ho le joalo se ntse se imetsa ‘mele,” ho realo Kekana.
“Empa hape re lehlohonolo hobane ho na le batho ka hare ho sehlopha ba re thusang ka mekhoa ea ho hlaphoheloa, hape le tsela eo mokoetlisi a ratang ho phomotsa libapali tse ling ka eona nakong ea lithupelo.
“Kahoo re leka ho leka-lekanya lintho ka lehlakoreng la rona, ‘me ke nahana hore seo re se kopang feela ke hore naha e re tšehetse tseleng ena – ke sona feela seo re se kopang.”
“Ha re emele Sundowns feela, re emela naha kaofela, kahoo ho imetsa ‘mele, empa ha re lumelle seo hore se laole tsela eo re bapalang ka eona papaling,” a eketsa.
Kekana o kopile tshehetso ho balatedi ho iponahatsa ka bongata hofa sehlopha morolo le matla ka pina.
“Rea utlwisisa hore re tlameha ho hlaha re loketse, mme ho lebelletswe ho hongata ho rona – ke ka hoo re kopa feela tšehetso.”
BALA HAPE: Cardoso o tswelapele ho lla ka tshehetso e fokolang hotswa ho PSL
