Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwena o tshwaetse ka tshebetso ya Afrika Boroa ho AFCON

Mokwetlisi wa sehlopha sa MC Alger Rulani Mokwena, o ntshitse maikutlo ka ho tswa ha Afrika Boroa mohope wa AFCON mokgahlelong wa tse 16 tsa ho qetela.

Mokwena o ne a le puisanong le Andile Ncube lenaneong la SNAWA ha a hlalosa hore o ntse a le bohloko hore sehlopha se tswile ka potlako le ha bokgoni bole teng.

“Ho batla hole thata ho bua ka Afrika Boroa hobane ke bohloko. Ke rata naha le dibapadi tse e emelang mme ho thata ho ntsha maikutlo,” ho realo Mokwena.

“Ho ya ka nna, e qala ka boitukiso le kgetho ya dibapadi. Bakeng sa sehlopha sa naha, dibapadi tsa bohlokwa dilokela hoba teng bakeng sa ditlhodisano tsa mofuta ona.”

Mokwena o dumela ha Afrika Boroa e sa itlhopisa ho tlala seatla bakeng sa tlhodisano mme o dumela ha kgetho ya dibapadi le yona e bile le seabo tseleng eo sehlopha se bapetseng ka yona.

“Hake dumele tsela eo sehlopha se bapetseng ka teng e bontshitse bokgoni bo teng sehlopheng hare bapala dibapadi tsa boemo ba AFCON.”

“Ha batho ba lebeletse hore o tla sebetsa hantle, o lokela ho ntsha dibetsa tsa hao kaofela. Ha ke dumele re bile le boitlhophuso bo lekaneng bakeng sa tlhodisano ena.”

Mokwena o ntse a tswelapele ho sebatsa hantle sehlopheng sa hae sa Alger moo a dutseng ka hodimo tafoleng ya dihlopha ka sekgeo sa dintlha tse 12.

Ka moqebelo Mokwena le sehlopha batla bapala makgaolakgang a mohope wa selehae wa Algeria mme kgonahalo e kgolo ya hore Mokwena a hape mohope wa hae wa pele le Alger.

BALA HAPE: Berhalter o hlalositse qeto ya ho tekena Dithejane ka mora Mbokazi