Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mvala o kgutlela ka lebaleng ka mora kotsi ya nako e lelele

Sebapadi sa Bafana Bafana le Mamelodi Sundowns Mothobi Mvala, o kgutletse ka lebaleng lekgetlo la pele ka mora kotsi e mobeileng kantle dikgwedi.

Mvala o fumane monyetla wa ho kena a tswa bakeng ha Sundowns e ne e hlola RB Leipzig ka 3 – 1 ya setswalle e bapalletseng lebaleng la Lucas Moripe ka labohlano bosiu.

Sebapadi seba sa morao, se bapetse dipapadi tse pedi fela sehleng se fitileng mme a dula kantle ka lebaka la kotsi ya lengole le ho fetwa ke dipapadi tsohle ho kenyeletsa CAF Champions League.

BALA: Zwane le Sundowns ba fihlella tumellano ya katoloso

Lekgetlo la ho qetela a bapala ke ka 2025 ka kgwedi ya Lwetse ha Sundowns e ne e hlolwa ke Golden Arrows ka 1 – 0.

Ho bapala papading ya setswalle ha Mvala, hotla tlisa tshepo ya ho bona sebapadi sena se kgutlela lebaleng le ho thusa sehlopha sehleng se tlang sa dipapadi tekong ya ho tshireletsa maemo a bona kontinenteng le ho lwanela Betway e ba phonyohileng.

BALA: Broos ka Zwane: A ke ke a bapala metsotso e mengata