
Cape Town City e tla bapala sehla se seng hape ho Motsepe Foundation
Sehlopha sa Cape Town City setla bapala sehla se seng hape ho Motsepe Foundation Championship.
Sena ka mora hore sehlopha se bapale maleka a 1 – 1 le Magesi FC papading ya ho qetela ho lekeng ho kgutlela ho PSL.
City, e hlotswe dipapading tse pedi tse qalang mme ya hlola papadi ya bona ya boraro kgahlano le Milford o monyetleng o moholo wa ho fetela ho Betway Premiership.
BALA: Chiefs e tsibisa ho tsamaya ya McCarthy sehlopheng
Bompudi bana ba mehleng ba MTN 8, ba qetile sehla sa dibapadi ho Motsepe Foundation mme ba bile le monyetla wa ho kgutlela ho ka mora ho qeta bale dihlopheng tse tharo tse ka hodimo.
Le ha hole jwalo, City e tla lokela ho itukisetsa sehla se seng hape boemong bo tlase ntle le ha monga sehlopha a ka nka qeto ya ho reka maemo a sehlopha se seng ho Betway Premiership.
BALA: Nabi o kgutlela melomong ya batshehetsi ho hlahlama Davids ya tlasa kgatello
