Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mexico e bula mosebetsi ka ho kgwathisa Afrika Boroa

Naha e tshwereng mohope wa lefatshe ka kopanelo ya Mexico, e kgwathisitse Afrika Boroa papading e thakgolang tlhodisano motsemoholo Mexico City.

Mexico, e hlotse Bafana Bafana ka 2 – 0 ho bokeletsa dintlha tsa bohlokwa tse tharo le ho dula monyetleng o motle wa ho fetela mokgahlelong o latelang.

Afrika Boroa e qadile papadi ena e sentse e le tlasa kgatello moo Mexico e neng e botsa dipotso.

Ntlha ya pele, e kene ka mora phoso e bileng teng leboteng la morao ha ya bobedi e kene motsotsong wa 67 ka Raul Jimenez.

BALA: Broos o bua ka seabo sa dibapadi tsa Sundowns sehlopheng

Tlholo ena e kenya Afrika Boroa tlasa kgatello dipapading tse pedi tseo batla kena ho tsona matsatsing a tlang kgahlano le South Korea le Czechia.

Dibapadi tse pedi tsa Afrika Boroa, dibontshitswe karete e kgubedu ka mora ho bapala dibapadi tsa Mexico hampe.

Siphephelo Sithole le Themba Zwane, batla fetwa ke papadi ya bobedi ka lebaka la karete e kgubedu eo ba e fumaneng ka kotloloho.

BALA: Artan o fumana monyetla wa ho tsamaisa papadi e kgolo lefatsheng