
Broos o etsa diphetoho le ho bua ka mabala
Sehlopha sa naha sa Bafana Bafana se bile le boikwetliso pele ka montaha e le boitukisetso ba papadi tse matla tse batla dibapadi kgahlano le Lesotho le Nigeria.
Sehlopha sena sa naha se morerong o moholo wa ho hapa dipapadi tseo ka bobedi le hoba monyetleng o motle wa ho phunyeletsa ho ya mohopeng wa lefatshe ka kotloloho.
Mokwetlisi Hugo Broos, o ile a qobelleha ho etsa diphetoho tse pedi sehlopheng ka mora hore Ime Okon le Patrick Maswanganyi ba tswe dikotsi mafelong a sa tswa ho feta a beke.
Dibapadi Thabo Moloisane le Sipho Mbule, ba bitseditswe sehlopheng ho kwala sekgeo sa dibapadi tseo tse hutsweng ka lebaka la dikotsi.
Broos o boletse ha bafumane molaetsa wa ho fetolwa ha mabala dipakeng tsa papadi kgahlano le Lesotho ka lebaka la boemo bo seng botle ba lebala la Toyota ha jwale.
Lebaleng le kannang la sebeditswa e bang kopo e amohelwa ke la Dr Molemela le nkang palo e kgaotsweng ha bedi papisong le Toyota 22 000.
Broos ya sa kgotsofatswang ke qeto ena, o hlalositse ha hose matleng a bona hobane papadi ke ya Lesotho mme mokgatlo wa papadi ya bolo Lesotho (LEFA) ke ona o nka qeto tsa ho qetela.
Afrika Boroa e dutse ka hodimo sehlopheng sa C ka dintlha tse 13 ka mora dipapadi tse tsheletseng (6). Afrika Boroa e hapile papadi tse nne ya bapala maleka ho e rengwe le ho hlolwa ho e lengwe.
Tebello ke ho utlwa qeto ya ho qetela kajeno hore papadi e tla bapalla kae empa ka labohlano thapama papadi yona e tla bapalla moo Lesotho letla amohela Afrika Boroa ka 18:00.
BALA HAPE: hugo-broos-o-ntshitse-maikutlo-ka-taba-ya-mokoena
