Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Dibapadi tsa Afrika Boroa dithongwa dikgaung tsa Afrika

Dibapadi tse tharo tsa Afrika Boroa, dithontswe dikgaung tsa selemo le selemo tsa Afrika tsa CAF Awards ho tlotla dibapadi ka papadi e tswileng matsoho.

Mohlodi wa kgau tse ngata selemo se fitileng Ronwen Williams, o thontswe hape bakeng sa kgau ya sethibathibane sa selemo.

Williams o thontswe le Yassine Bounou wa Morroco ya bapallang sehlopha sa Al Hilal ya Qatar le Munir Mohamedi wa Morroco ya bapallang sehlopha sa RS Berkane.

Tylon Smith ya bapallang Queens Park Rangers ya England, o thontswe bakeng sa kgau ya sebapadi se tlase dilemong sa selemo.

Smith o thontswe le Abdellah Quazane wa Ajax le Othmane Maamma wa Watford. Bobedi dibapadi tsena ke matswallwa a naha ya Morroco.

Andile Dlamini ya thibelang Mamelodi Sundowns le Banyana Banyana, o thontswe bakeng sa kgau ya sethibathibane sa selemo sa mosadi.

Dlamini o thontswe le Khadija Er- Rmichi wa Morroco ya bapallang sehlopha sa AS FAR le Chiamaka Nnadozie wa Nigeria mme yena o bapalla sehlopha sa Brighton & Hove Albion.

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns, le sona se thontswe bakeng ya sehlopha sa selemo.

Sundowns, e hapile Betway Premiership le ho fihla ho makgaolakgang a CAF Champions League le ha ba hlotswe ke Pyramids ya Egypt.

Masandawana, ba thontswe le sehlopha sa Pyramids FC ya Egypt le RS Berkane ya Morroco. Bobedi Pyramids le Berkane, ke tsona tse hapile CAF Champions League le CAF Confederation Cup ka ho fapana sehleng se fitileng.

BALA HAPE: Williams ke mothongwa wa dithibathibane tse hlwahlwa lefatsheng hape