
Broos o tsibisa dibapadi tseo a tla ngwatha ho tsona
Mokwetlisi wa sehlopha sa naha sa Bafana Bafana Hugo Broos, o ntshitse lenane la dibapadi tseo a tla nyafa tseo a tla leba mohopeng wa lefatshe ho tsona.
Broos, o tsibisitse lenane lena matsatsi pele a tsibisa palo e fokoditsweng ya dibapadi tseo a tla leba le tsona naheng ya America, Mexico le Canada ka kopanelo.
Dithibathibaneng, Broos o bitsitse Ronwen Williams, Sipho Chaine, Ricardo Goss le Brandon Petersen wa Kaizer Chiefs.
BALA: PSL e kena dipuisanong tsa maqhama le CANAL+
Broos o tla tobana le mosebetsi o thata wa ho kgetha tharo boneng mme mahlo a tla sheba hore ke mang ya salang dithibathibaneng tse ntseng di sebetsa ka thata.
Dibapading tsa morao, Broos o tswakile dibapadi tsa dihlopha tse fapaneng moo Sundowns e nang le dibapadi tse tharo, Chiefs e na le tse pedi mme dihlopha tse ding dina le sebapadi se le seng.
Dibapading tse hlaselang Broos o kgethile haholo dibapading tsa Sundowns le Pirates moo dihlopha tsena dinang le dibapadi tse 12 ka kopanelo.
Ka bobedi Sundowns le Pirates ke tsona tsenang le kemedi e hodimo ka dibapadi tse 9 sehlopha ka seng.
Broos, o tla tsibisa lenane la dibapadi tseo a tla leba le tsona mohopeng wa lefatshe beke e tlang ka laboraro [27 Motsheanong] a le Union Building ka pele mopresidente wa naha.

