Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

PSL e kena dipuisanong tsa maqhama le CANAL+

Mokgatlo o tsamaisang bolo ya lapeng wa PSL, o kene dipuisano tsa ho tisa maqhama le kgwebo ya diphatlalatso ya CANAL+.

CANAL+ ke setheo sa France se rekileng MultiChoice e eng e sebedisana le PSL ka kgaso ya dipapadi tsa yona ysa lapeng.

Ditherisano tsena direretswe ho tisa maqhama le ho ntshetsa pele selekane le ha MultiChoice e sa hlole e le yona e tshwereng.

CANAL+ e hlalositse PSL jwalo ka setho se seholo dikamanong tsa bona jwalo ka ha mokgatlo ona e le ya e meng e sebetsang ka hantle ka ho fitisisa kontinenteng le ho dula e le karolo ya dinaha tse 10 tse sebetsang hantle papading ya bolo lefatsheng.

BALA: Hobaneng papadi ya Pirates le Orbit e le kgolo dihlopheng ka bobedi?

Ka molomo wa Director for Sports Content in English and Portuguese-speaking Africa, Rendani Ramovha, CANAL+ e hlalositse ha kopano ena bontsha maikemisetso a tshebedisano mmoho ya selekane sa nako e lelele.

“Re e hlakisitse ho tloha qalong hore tsetelo ya rona dihlahisweng tsa lapeng ke ntlha ya pele mme papadi ya bolo ke e nngwe ya tse ka sehloohong,” ho realo Ramovha.

“Re bonela PSL hodimo haholo. Hase papadi ya bolo fela, ke ntho e kgolo ho batho ba di’million kontinenteng ba tsetelang nako ya bona, tjhelete le maikutlo.”

BALA: Nam Dinh e arohana le sebapadi se seng hape sa Afrika Boroa