
Cardoso o bohale ba tau ka mora ho bapala maleka le Pirates
Mokwetlisi wa sehlopha sa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o sehollotse ka bohale maikutlo a reng ke mokwetlisi ya bapalang papadi ya ho tshireletsa.
Sundowns, e bapetse maleka a 1 – 1 ka moqebelo papading eo e ne e le ya Sundowns ya lapeng lebaleng la Loftus Versfeld.
Cardoso, o jele ka bohale maikutlo ana ka hore ke manyala e bile hase nnete.
“Le ha batho ba re o mokwetlisi tshireletsang, ke manyala. Hase nnete hobane rene re batla ho hlola papadi pele ho kgefutso,” ho realo Cardoso.
Mokwetlisi enwa wa mehleng wa Esperance, o bonahetse a le bohala ba tau sebokeng sa boqolotsi ba ditaba ka mora papadi jwalo ka ha a ne a qhaqolla le ho hlalosa tse etsahetseng.
Cardoso o hlalositse ha papadi ya bona e bile thata mme e thatafaditswe ke ho sebe teng ha dibapadi tsa mantlha sehlopheng.
“Ha ona le Themba Zwane, Mothobi Mvala, Thapelo Morena, Miguel Reisinho, Teboho Mokoena, Divine Lunga, Kutlwano, Malibongwe le dibapadi tse ntse diithuta papadi, e hlakile hore phapang e tlaba teng.”
Cardoso o phethetse ka ho hlalosa ha a sa tletlebe hobane o bone moya wa ntwa dibapading tse bapetseng le ha a dumela baka etsa ho feta moo.
“Re dumele ha re ka etsa ho feta? Eya empa papadi ena e bile ya dihlopha tse pedi tse matla ka hara naha (Afrika Boroa).”
BALA HAPE: Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns o etsa boipiletso ho PSL
