
Mokwetlisi wa Sundowns o hlalosa semelo sa hae
Mokwetlisi ya kokometseng se maratswana tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership Miguel Cardoso, o hlalositse batho ba Afrika Boroa baso utlwisisi hore ke motho wa sebopeho se jwang.
Cardoso le Sundowns, ba dutse boemong ba pele ho Betway mme ke bona fela sehlopha sa Afrika Boroa se ntseng se setse dipapading tsa kontinente.
‘Afrika Borwa ha e eso utlwisise hore ke monna ya lokileng’ – Miguel Cardoso
“Re tshwanetse ho tlohela lefa, hobane seo re se tlohelang hase tjhelete; re tshwanetse ho tlohela lefa. Ka mora dilemo tse 50, ke batho ba fokolang ba tla re hopola, mme ka mora dilemo tse 100, ho ka se be le ya tla re hopola,”
Mokwetlisi enwa wa mehleng wa Esperance de Tunis, ke e mong wa bakwetlisi ba fetang tlasa ditshehollo nyele le bosiu ha sehlopha se sa sebetsa hantle.
“Ke hobaneng re tshwenyeha ka dintho tse seng tsa bohlokwa ka nnete? Re bua haholo ka bophelo ka hare ho sehlopha sa rona — haholo. Ha ke batle hore dibapadi di nkhopole feela jwalo ka mokoetlisi ya ba thusitseng ho fihlela diphihlello. Ke batla ba utlwisise hore ke ne ke le monna ya lokileng haholo.
“Afrika Borwa ha e eso utlwisise hore Miguel ke monna ya lokileng ka nnete, ya batlang ho fana ka sohle se matleng a hae, ya sa batleng ho amahanngwa le dintho tse mpe, empa ya batlang ho phela jwalo ka monna ya ikokobelitseng. Ke se ke le boleletse hore ke rata ho ba mona.”
BALA HAPE: Chiefs e etsa boipiletso ho batshehetsi ba sehlopha
