
Chiefs e phethela selemo ka ho bapala maleka
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se bapetse maleka a 0 – 0 le TS Galaxy e le papading ya bona ya ho qetela karolo ya pele ya sehla.
Chiefs e bapetse maleka lekgetlo la boraro ka tatellano dipapading tsa Betway le CAF Confederation mme e bapatse dipapading tse nne ntle le tlholo.
Amakhosi, bane ba etetse Galaxy lebaleng la Mbombela profenseng ya Mpumalanga tekong ya ho ho phethela selomo ka tlholo.
Papadi e qadile ka sefutho lehlakoreng la Chiefs jwalo ka ha e ne e batla ntlha empa ya hlolwa ke ho sebedisa menyetla ka kelohloko.
Papadi lebile kgefutsong le ho fihla pheletsong ho se sehlopha se hlabileng ntlha le ha Chiefs e bile yona e bonahetseng e bile le menyetla e hodimo ya ho hapa papadi.
Galaxy, e qetile papadi ka dipabadi tse haellng ka mora hore Nhlanhla Mgaga a bontshwe karete tse pedi tse tshehla (second bookable offense) ka mora ho bapala Asanele Velebayi bohlaswa.
Chiefs e tla qeta selemo e dutse boemong ba bone ka mora dipapadi tse 13 mme ba bokeleditse dintlha tse 24.
Galaxy ka lehlakoreng le leng, e tla qeta e dutse boemong ba borobedi (8) ka dintlha tse 21 ka mora dipapadi tse 14.
Papadi e latelang ya Chiefs e tlaba selemo setlang sa 2026 le sehlopha sa Golden Arrows ka la 20 Pherekgong.
BALA HAPE: Pirates e hlotse Gallants ho ikgapela bompudi ba Carling Knockout
