
McKenzie o halefiswa ke kopo ya mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns
Letona la dipapadi Gayton McKenzie, o hlasetse mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso ka bohale ka mora maikutlo a hae ka tshwarong ya sehlopha.
Ka mora ho hapa mohope o moholo kontinenteng wa CAF Champions League, Cardoso o e ntse boipiletso ho botsamaisi ba bolo Afrika ho etsa dintho ka tsela e fapaneng hore naha e dule e ba le kemedi e hapa mohope ona.
Mantswe a Cardoso a kwatisitse letona hoo a hlalosang a tla hlahlela tletlebo ho Sundowns ka mora mantswe a mokwetlisi wa yona.
BALA: Ouaddou le Chaine ba hapa dikgau tse ikgethang
“Re thabetse Masandawana empa re ke ke ra tswelapele ho utlwa ka mokwetlisi hore bolo ya rona e tsamaiswe jwang,” ho realo McKenzie.
“Kaofela ha rona rena le diphepetso empa bolo ya rona ke ya boemo bo hodimo kontinenteng. Ha a tlohele ho nkela Afrika Boroa tlase. Retlo ngolla Sundowns tletlebo.”
Sundowns e fihlile ka hara naha bosiu ba maobane le mohope moo ba fuwe kamohelo ya bahale mme letona McKenzie o bonahetse e se karolo ya kamohelo eo.
BALA: Modulasetulo wa Siwelele o etsa tshepiso ho baahi ba Bethlehem
