
Da Cruz o lla ka bahlabadintlha ba sa sebedising menyetla
Mokwetlisi wa Kaizer Chiefs Fernando Da, o bontshitse ngongoreho ya hae ka bahlabadintlha basa bontsheng tlala ya ho hlaba ntlha.
Sena ka mora hore sehlopha se bapale maleka a 0 – 0 kgahlano le Golden Arrows ka sontaha thapama.
Chiefs e bile le menyetla ya ho hlaba dintlha ho kenyeletsa thaho ya mokoko eo ba hlotsweng ke ho e hlaba ka leoto la Lebohang Maboe.
Tsena tsohle, ke ngongoreho e kgolo ho Da Cruz ya qohollotseng sena hanghang ka mora papadi.
“Re hloka diqeto tse nepahetseng ka pela mola wa ho hlaba dintlha,” ho realo Da Cruz ka mora papadi.
Da Cruz buile sena mme a tswelapele ho bontsha tshepo dibapading tsa hae le ho hlalosa ha batla hlaba dintlha le ho hapa dipapadi.
“Retlo hapa dipapadi le ho hlaba dintlha, kena le tshepo e tletseng ya seo.”
Chiefs e se e bapetse maleka dipapading tse nne kaofela sehleng sena mme ba hapile dipapadi tse tharo ntle le ho lahlehelwa.
7 Matches played
3 Wins
4 Draws
0 Defeats
Sehlopha se dutseng boemong ba bone ka dintlha tse 13 ka tlasa Mamelodi Sundowns, Orlando Pirates le AmaZulu e dutseng boemong ba boraro.
BALA: Pirates e notla sekgeo sa dintlha ka ho paputla Durban City
