
Dinaha tsa Europe ditswela pele ho bontsha ho hloka tshepo ho Infantino
Naha tsa lebatowa la UEFA papading ya bolo, ditswela pele ho bontsha ho hloka tshepo ho mopresidente wa mokgatlo o tsamaisang bolo wa lefatshe.
Sena ka mora hore Gianni Infantino a sisinye thekiso ya karolwana ya FIFA ho rakgwebo ya ikemetseng bakeng sa lekeno.
Tshisinyo ena ya Infantino e qheletswe ka thoko ke boholo ba mekgatlo eo ha jwale e hulang tshehetso ya bona ho Infantino.
BALA: Tshegofatso Mabasa o fumana sehlopha kantle ho Afrika Borwa
Naha ya England, Finland, Serbia le Wales, di bontshitse ha di ke ke tsa tshehetsa Infantino lebelong la hae la ho iketela ho etella FIFA pele hape.
Infantino o tlasa kgatello hotswa dinaheng tse fapaneng hore a role marapo ka mora tshisinyo ya hae.
Tebello ke ho bona hore Mekgatlo e fapaneng e emetseng dikontinente tse fapaneng ho kenyeletsa dinaha, e tla nka tsela e fe ka mora tsena tsohle.
BALA: Banyana Banyana ba kena papading e hlokang tlholo ho fetela pele
