
Ertuğral o dumela ha ho nyaola Nabi e kaba phoso
Mokwetlisi wa mehleng wa Kaizer Chiefs Muhsin Ertuğral, o re sehlopha se tlabe se etsa phoso e kgolo ho arohana le mokwetlisi wa bona Nasreddine Nabi.
Chiefs e mathuleng a ho arohana le mokwetlisi wa bona ya fihlileng sehleng se fitileng sehlopheng le ho qeta leqeme la dilemo tse leshome ntle le mohope.
Chiefs e hlalositse ha Nabi e se karolo ya sehlopha se Angola ho bapala papadi ya CAF Confederation kgahlano le Kabuscorp.
Ditlaleho tsa ho nyaolwa ha Nabi diutlwahetse matsatsi pele sehlopha se leba Angola ka mora hore ho utlwahale ha mangolo a hae a ho dula bankeng a dipapading tsa CAF a fellwe ke nako.
Puisanong le lesedinyana la FARPOST, Ertuğral o hlalositse mabaka a ka fapana kantle le ka hara sehlopha hore a ka utlwisiseha ha bonolo.
“Ho thata ho tjho. Ho tswa kantle ke maikutlo fela mme ho thata ho ahlola. Ka hara sehlopha mabaka a mangata a susumetsang diqeta tsa mofuta ona,” ho realo Ertuğral.
Ertuğral o hlalositse ha a bona eka qeto ya ho nyaola e tlile ka pele jwalo ka ha Nabi a ne a bonahala a kopanya sehlopha.
“Qeto ya ho fetola mokwetlisi ha e dule e tla ka ditlamorao tse lebeletsweng. Ho bonaha e le qeto e tlileng ka potlako. Se lokela ho hopolwa ke hore qete tsena ha dibobebe. O ne a tla hantle le sehlopha le ho qala ho sefa sebopeho.”
BALA HAPE: Kaizer Chiefs e kanna ya arohana le mokwetlisi Nabi
