Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Chiefs e bontsha thahasello ho mohlabadintlha wa Uganda hape

Sehlopha sa Kaizer Chiefs, se boetse se bontshitse kgahleho ya sona ho mohlabadintlha wa sehlopha sa Simba SC Steven Dese Mukwala.

Chiefs e bontshitse kgahleho ho Mukwala ka nako ya mokwetlisi Nasreddine Nabi empa tsohle tsa ema tsi ka lebaka la bokamoso ba Nabi sehlopheng.

Ho ya ka lehlokwana la tsela, Chiefs e boetse e mehlaleng ya letswallwa lena la Uganda jwalo ka sethathong. Kaizer Chiefs e ntse e na le thahasello e matla ho Mukwala.

Ba batla ho motekena ka Pherekgong mme Simba e iketseditseng ho kena dipuisanong ka thekiso e utlwahalang,” ho realo hlokwana la tsela.

Mukwala ya dilemo di 26, o qadile papadi ya hae nahaneng ya habo ya Uganda sehlopheng sa Vipers, a boela a bapalla Maroons FC le URA FC hona Uganda.

Mohlabadintlha enwa ya iketseditseng lebitso, o bapalletse sehlopha sa Asante Kotoko ya Ghana pele a tla leba Tanzania moo a babatswang bohanka.

Tebello ke ho bona e bang teko ena ya Chiefs e tla atleha ka mora ho leka ho tekena sebapadi se seng se bapalang Tanzania ntle le katleho.

BALA HAPE: Chiefs e qadile tlhodisano ya CAF ka leoto le sele