
FIFA e dia kahlolo kgahlano le Afrika Boroa
Mokgatlo o tsamaisang bolo lefatsheng wa FIFA, o entse qeto nyeweng e kgahlano le SAFA le Teboho Mokoena ka mora ho hlalosa o tla sheba nyewe eo.
FIFA, e otlile Afrika Boroa ka ho bankela ditlha tse tharo tseo ba dihapileng kgahlano le Lesotho moo Mokoena a neng a sa lokela ho bapala ka lebaka la dikarete.
Afrika Boroa, e ile ya bapadisa Mokoena papading ya ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe kgahlano le Lesotho mme ba hapa papadi eo ka ntlha tse pedi.
Mokgatlo o na o hlalositse ha SAFA e bile molato wa ho sebedisa Mokoena ya neng a na le karete tse ngata tse tshehla mme e tla lokela ho lefa CHF 10 000 (R217 000) ya kotlo ho FIFA le ho nkelwa dintlha tse tharo.
BALA HAPE: Hugo Broos o ntshitse maikutlo ka taba ya Mokoena
Sena se hlalosa hore Afrika Boroa e tla theoha maemong a pele sehlopheng sa C le ho dula boemong ba bobedi le ha e tla lekana le Benin ka dintlha tse 14.
SAFA e fuwe matsatsi a leshome ho ipiletsa qetong e nkuweng ke FIFA le ho teka lehlakore la yona. Ha jwale SAFA ha e so ntshe maikutlo ka kahlolo ena.
Bafana Bafana batla kena dipapading tse pedi tsa ho qetela tseo ba lokelang ho dihapa ka bobedi ho fetela mohopeng wa lefatshe.
Papadi ya pele e kgahlano le Zimbabwe ka la 10 Mphalane lebaleng la Moses Mabhida, ha papadi ya bobedi e le kgahlano le Rwanda ka la 14 Mphalane lebaleng la Mbombela.
