Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Freese o dumela batla sebedisa bofokodi ba Chiefs ho hlola papadi

Mokwetlisi wa sehlopha se mathateng sa Magesi FC Allan Freese, o dumela ha sehlopha sa hae setla sebedisa bofokodi bo teng ba sehlopha seo batla kopana le sona sa Kaizer Chiefs.

Magesi e tla amohela Chiefs lebaleng la Peter Mokaba bosiung ba kajeno [15 Mmesa] mme Freese o dumela ha a tseba bofokodi ba Chiefs e leng setla mothusa ho fumana dintlha tse tharo.

“Ke papadi e kgolo bakeng sa sehlopha moo re batlang dintlha tse tharo. Maikemisetso ke ke ho fana ka sohle sa rona ho fumana dintlha tsohle,” ho realo Freese a buisana le KickOff.

“Ba hapile dipapadi tse 4 ka tatellano [Chiefs] empa jwalo ka rona, ba hloka ho lokisa papadi ya bona hore ba tseparele maemong ao baleng ho ona.”

Magedi e hapile papadi e le nngwe dipapading tse 15 tsa ho qetela tseo ba dibapetseng mme sehleng sena fela, sehlopha se hapile dipapadi tse tharo.

Magesi overall stats:

23 Matches

12 Loses

8 Draws

3 Wins

Lekgetlo la ho qetela Chief e kopana le Magesi, ke moo Chiefs e hapileng papadi ka 2 – 0.

Freese, o dumela ha dipapadi tse seng, ditshwana le dipapadi tsa mohope wa mantshano [knockout tournament] mme sehlopha sa hae setla lwana ya kgumamela ho phonyoha selepe sa ho bapala ho Motsepe Foundation sehleng se tlang.

BALA HAPE: Mokwetlisi wa Chiefs o baleha potso ya bokamoso ba hae sehlopheng