Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi wa Chiefs o baleha potso ya bokamoso ba hae sehlopheng

Setho sa bokwetlisi [co-coach] sehlopheng sa Kaizer Chiefs Cedric Kaze, o arabetse potsong ya hore a ka batla hoba teng sehlopheng sehleng se tlang.

Ho ya ka botsamaisi le Sporting Director Kaizer Motaung Jr, sehlopha setla sebetsa ka mokwetlisi a le mong e leng se tlisang dipotso ka bokamoso ba Kaze le Khalil Ben Youssef.

Ha arabela potso, Kaze o hlalositse iha mosebetsi wa bona e le ho sebeletsa sehlopha le ho tlisa botsitso le ho leka ho beha sehlopha boemong bo hodimo papisong le sehleng se fitileng.

“Re dula re thathiseletsa taba ya ho dula re lapile le ho larela tlholo papading e nngwe le nngwe e le hore re hlole dipapadi tsa rona le ho nka menyetla,” ho realo Kaze.

“Ho arabela potso ya ho qetela, re setse ka dipapadi tse 8 mme jwalo ka bakwetlisi re tseba seo re lokelang ho se etsa jwalo ka hare le kwano ho sebeletsa sehlopha le ho leka sohle dipapading tse setseng.”

Tumellano ya Chiefs le bakwetlisi ba yona e fihla pheletsong ha sehla se fihla pheletsong mme qeto e kgolo e tla nkwa ka bokamoso ba Kaze, Youssef le moifo.

Tebello ke e kgolo ho bona hore Chiefs e tla qeta sehla e dutse kae le hore diphetoho tse tla nkwa ke botsamaisi ka bokwetlisi ke tsa mofuta o fe.

Chiefs e tla bapala papadi ya bona kgahlano le Magesi thapameng ya kajeno [15 Mmesa] moo sehla setla etela Magesi lebaleng la Peter Mokaba. Papading ena e tla thakgoha ka 19:30.

BALA HAPE: Sebapadi sa Chief se leboha bophelo le kgatello sehlopheng