Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Hilton Epstein o diha kahlolo nyeweng ya Velebayi le Baartman

Hlooho ya SAFA ya Arbitration Hilton Epstein, o dihile kahlolo nyeweng e mathileng ya dibapadi tsa Cape Town Spurs tsa mehleng tse lebileng ho Kaizer Chiefs.

Epstein, o qetile ka hore sehlopha sa Spurs se fane ka tokomane ya ho qeta botho sehlopheng (clearance) ho dibapadi tse pedi tse lebileng ho Chiefs ka mora hore Spurs se rengwe ke selepe.

Asanele Velebayi le Luke Baartman, baile ba leba ho Chiefs ntle le tefo mme Spurs e ile ya phepetsa qeto eo le ho leba ho PSL le ho SAFA ka tseko ya bona.

Kahlolo ena e hlalosa hore Chiefs, e ka sebedisa dibapadi tsa bona ntle le mathata a letho ka mora hore bafetwe ke dipapadi tse leshongwana ka lebaka la nyewe e neng e matha.

Sena se boela se bolela hore Spurs e kanna ya lahlehelwa ke nyewe tse ding tseo e dihlahletse ka mora hore dibapadi tse ding tse akgang Mervin Boji, ditsamaye sehlopheng ho lo ipatlela makgulo a matala.

Baartman o mohopeng wa lefatshe le Amajita mme kajeno bosiu batla kena papading e matla le sehlopha sa Colombia.

E bang ba hlola papadi ya kajeno, batla tobana le naha ya Spain dihlopheng tse robedi (quarterfinals) tsa ho qetela.

BALA HAPE: Spurs e re etla ipiletsa tabeng ya Velebayi