
Jordaan o na le tshepo hore Mbokazi o tla leba Chile
Mo’presidente wa mokgatlo wa bolo Afrika Boroa wa SAFA Danny Jordaan, o re o na le tshepo ya hore Mbekezeli Mbokazi o tla leba Chile le sehlopha.
Puisanong le SABC Sports, Jordaan o hlalositse ha a na le tshepo e matla ya hore sehlopha sa Pirates setla lokola Mbokazi ho leba mohopeng wa lefatshe Chile le sehlopha sa bahlankana ba dilemo dika tlase ho tse 20.
“Ke dumela ha Mbokazi a tla tsamaya le sehlopha hobane ha ka tsamaya le sehlopha, lebota la rona la morao e tlaba lejwe la moralla,” ho realo Jordaan.
Mbokazi ya dilemo di 19 o satswa ho bapala dipapadi tse pedi le sehlopha se seholo sa Bafana Bafana mme o bapetse ka bokgabane bo makatsang le ho hapa dipelo tsa ma’Afrika Boroa.
Jordaan o hlalositse ha bana le sehlopha se matla sa bahlankana ba ikemiseditseng ho lwana mme a dumela batla lwana kgakgaulane molamu wa hlooho mohopeng wa lefatshe.
“Ke Lekgetlo la pele reba le bahlankana ba dilemo tsena ba ka lwana le ho fetela mokgahlelong o ka pele wa dipapadi. Ke monyetla o motle ho bahlankana le ho ma’Afrika Boroa ka bophara.”
Jordaan o tswelapele ho hlalosa ha ho leba mohopeng wa lefatshe ha Mbokazi ho tla mothusa kgolong le ho bapala le dibapadi tse ding tsa matjhabatjha.
Amajita e tla nka leeto ho leba Chile mafelong a kgwedi ya Lwetse ho lo bapala mohopeng wa lefatshe o tla qala ka la 27 Lwetse. Papadi ya bona ya pele e kgahlano le France kala 29 Lwetse.
BALA HAPE: mokwetlisi-mdaka-o-na-le-tumelo-ka-mbekezeli-mbokazi
