
Leqwetha la Ribeiro le re nyewe e tla rarolwa
Leqwetha la sebapadi sa Mamelodi Sundowns se itokollotseng tshebetsong Lucas Ribeiro, o re nyewe e tla rarolwa ka matsatsi a se makae ‘within days’.
Jean-Louis Dupont ya tsebahalang ka nyewe ya Diarra le qeto ya Bosman, o re o sebeletsa hore mmuwelwa wa hae e be sebapadi se senang sehlopha (free agent) le ho fumana lengolo la ho lokolwa (International Transfer Certificate [ITC]) ho tswa ho Sundowns.
Puisanong le lesedinyana la Heraldo de Leon, Dupont o hlalositse ha mekgatlo e tsamaisang papadi ya bolo e lokela ho tlohela sebapadi ho ya sehlopheng sa kgetho ya hae ho ipapisitswe le qete ya nyewe ya Diarra.
“RFEF kapa FIFA ha diya lokela ho hatella qeto ya Diarra ya CJEU mme ba lokela ho tlohela sebapadi ho tekena. Melawana ya FIFA e lokela ho hlalosa sena,” ho realo Dupont.
Dupont o hlalositse ha Ribeiro a le monyetla o motle ho ipapitswe le nyewe wa Diarra mme a hlalosa ha a ke ke a fana ka ditlha tse fetang tsena.
“Ho latela qeto ya nyewe ya Diarra, Lucas Ribeiro o lehlakoreng le hantle, nke ke ka bua ho feta mona.”
Ribeiro, o ngotse molaetsa molaetsa o sadisang Sundowns hantle ka mora ho bonwa Spain le ho tlalehwa a tla tekena le sehlopha sa Cultural y Deportiva Leonesa.
BALA HAPE: ribeiro-o-kata-sundowns-ka-samane-le-ho-leba-ho-fifa
