Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sebapadi sa Chicago Fire Mbekezeli Mbokazi sena le tabatabelo

Sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates se bapalang America ha jwale se hlalositse ha sena le tabatabelo ya ho hola papading.

Puisanong le South African Football Journalist Association (SAFJA), Mbokazi o hlalositse ha maikutlo a batho ba ho leba America a saba bonolo ho a thuisang.

“Hoba thata ho utlwa batho ba bua ka tsela eo ba buang ka yona ka mora le tla kwano [America],” ho realo Mbokazi.

“Empa batho ba lokela ho ithuta hore haho bonolo ho ya boemong bo hodimo ho feta moo keleng teng ha jwale.”

“Seo nkase hlalosang ke hore ntse kele monyane ntse ke hola mme ntho e nngwe le e nngwe e tla etsahalang ka nako e nepahetseng.”

Mbokazi o lebile America ka nako ya thekiso ya dibapadi ya Pherekgong le ha tumellano e tekenwe pele ho nako eo.

Matsatsing a fitileng o qadile go ikwetlisa le sehlopha mme o ntse a bapala dipapadi tsa ho ikotlolla le sehlopha.

Sebapadi sena se hlalositse ha hona le moo a batlang ho fihla teng empa a ke ke a potlakela dintho.

“Boemo boo ke batlang ho bofihlela ke tlo bo fihlela. Dilemo ntse dile ka lehlakoreng laka mme nkase potlakele dintho ka ho batla ho qhoma hobane batho ba bua.”

Mbokazi o hlalositse ha a thabetse moo a leng teng le hore nako ya hore a ye moo a batlang e tla fihla mme o tla ya teng ntle le ho potlakela dintho.

BALA HAPE: Kekana: E tlaba papadi e hlokang maikutlo