Ditaba tsa moraoraoKrikete

Sune Luus le Sinalo Jafta ba jara Afrika Boroa kgahlano le Pakistan

Di’Proteas tsa basadi dinkile ketapele ya dipapadi tse tharo tsa ODI ka mora ho hlola Pakistan papadi ya pele e bapaletseng lebaleng la Mangaung Oval, Bloemfontein.

Ka mora hore dibapadi tse bulang dihlolwe ke ho mamella kgatello ya dibapadi tsa Pakistan, Sune Luus le Sinalo Jafta ba kene le ho fetola sebopeho sa papading.

Luus ya entseng mematho e 93* o kene le dibapadi tse nne pele a ka etsa selekane (7th partnership) le Jafta (57*) ho bokeleditseng mematho e 90 ho tswa dibolong tse 56.

Bobedi bona, bo thusitse Di’Proteas ho hlola papadi ka mematho e 37 ka mora ho behela Pakistan mokolokotwane wa mematho e 260 ho tswile dibapadi tse 6 (260/6).

Jafta, o ne a bapala papadi ya hae ya 50 dipapading tsa letsatsi ka leng (ODI) mme o e ntse seo ka bokgabale le ho fihlela ‘half century’ ya hae ya pele.

Tshebetso ena, e thusitse Afrika Boroa ho hlola Pakistan le ho nka ketapele ya letoto la dipapadi tse tharo tsa letsatsi ka le leng (1 – 0 lead).

Luus eo e bileng sebapadi sa letsatsi, o boetse a bapala karolo e kgolo ka nako eo Afrika Boroa e neng e akgela moo a ketotseng dibapadi tse pedi ho etsa bonnete ba hore Pakistan e fella mematho e 223 dibapadi ditswile kaofela.

Dinaha tsena ditla kopana hape papadi ya bobedi e tla bapalla SuperSport Park, Centurion ka laboraro mme yona e tla thakgoha ka 13:00 motsheare.

BALA HAPE: Afrika Boroa e kgwathisa India papading e mahlonoko ya Super 8