
TS Galaxy e qadileng ka mafolofolo e fellwa ke mokoka
Sehlopha se qadileng sehla ka boitshepo sa TS Galaxy, se aparetswe ke mathata a ho lahlehelwa ke letoto la dipapadi.
Galaxy, e qadile sehla ka noto e hodimo moo e bileng se seng sa dihlopha tse hlabang dintlha tse ngata dipapading tse qalang.
Le ha hole jwalo, sehlopha se ile sa lahlehelwa ke sebapadi sa mantlha Puso Dithejane ya lebileng sehlopheng sa Chicago Fire le ho fumana kotlo ya hotswa ho FIFA ka tefo ya dibapadi tse ding.
Tsena tsohle dibonahetse diba le seabo se seholo dipapading tsa Betway ho feta dipapadi tsa mehope e meng.
Papading ya ho qetela ya Betway, ke moo sehlopha se hlotsweng ke Richards Bay ka 1 – 0 ka sontaha [19 Mmesa] e le papading ya moraorao ya sehlopha.
The Rocket ba lahlehetswe ke dipapadi tse robong dipapading tse leshome tsa ho qetela tseo ba dibapetseng ho Betway Premiership.
Le ha hole jwalo Galaxy e bile le sehla se monate mohopeng wa Nedbank moo batla bapala ho makgaolakgang kgahlano le Durban City.
Sehlopha se dutse boemong ba 12 ka dintlha tse 25 ka mora dipapadi tse 25. Dipapadi tse tharo ho tse hlano tse setseng, sehlopha setla thulana le dintlha tse tharo tse batlang ho phonyoha selepe.
Dipapadi tse setseng tsa sehlopha.
🆚 Magesi FC (H) – 26 April 2026
🆚 Marumo Gallants (A) – 6 May 2026
🆚 Chippa United (H) – 9 May 2026
🆚 Mamelodi Sundowns (H) – 16 May 2026
🆚 Golden Arrows (A) – 23 May 2026
BALA HAPE: Sebapadi sa Chiefs se bua ka leeto la sona ka nako ya dikotsi
