
Sehlopha sa Belgium se eletswa ho fumana ditshebeletso tsa Mofokeng
Sehlopha sa Orlando Pirates se mathuleng a ho arohana le lekejakejane la bona la bohlokwa Relebohile Mofokeng.
Sena ka mora leeto la mohope wa lefatshe leo Mofokeng e bileng karolo ya lona le sehlopha sa naha sa Bafana Bafana le ha a bile le metsotso e balehang papisong le dibapadi tse ding.
Hoya ka lehlokwana la tsela, sehlopha sa Belgium Royal Union Saint-Gilloise, se haufi haholo le ho tekena Mofokeng moo dipuisane sentse ditswela pele.
Sehlopha sena ke se seng da tse kgolo naheng ya Belgium mme se qetile sehla se dutse boemong ba bobedi sehleng se fitile moo setla lwanela ho bapala Champions League.
Tebello ke hore Mofokeng o tla etsa diteko Belgium moo hotla qetelwa dipuisano matsatsing a tlang bakeng sa tumellano ya dilemo tse nne.
BALA: Chicago Fire e tekena mohlabadintlha wa mantlha lefatsheng
