Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Morocco e hlahletse tletlebo ho FIFA kgahlano le Senegal

Naha ya Morocco e hlahletse tletlebo kgahlano le naha ya Senegal ka diketsahalo tsa papadi ya makgaolakgang.

Morroco e dumela ha ketso mokwetlisi wa Senegal ho laela dibapadi hotswa ka kebale e bile le kgahlamelo e mpe papading.

Senegal e ile ya tswa ka lebaleng ka mora hore Morocco e abelwe thaho ya mokoko metsotso ka mora hore ntlha ya bona e latolwe e le phoso.

Morocco, o ntse lengolo le lebang ho FIFA ho tshetleha dingongoreho tsa bona le hose kgotsofale ka mora ho hlolwa.

Lengolong le ngotsweng ka puo ya Arab le ho fetolelwa senyesemang, Morroco e hlalositse ha FIFA e lokela ho fana ka kotlo ho Senegal ka ho tswa ka lebaleng ka nako ya papadi.

Tletlebo ya Morocco e tla ka nako eo CAF le yona e kgalemetseng ka bohale se etsahetseng le ho nyatsa nyenyefatso e entsweng ho balaudi le bahlophisi ba papadi ya makgaolakgang.

CAF e hlalositse ha e tla etsa diphuputso tse keneletseng ho fumana sesosa sa morusu o bileng teng le ka mora papadi mme e hlalositse ha e sentse e qadile ka ho bokeletsa bopaki.

Mopresidente wa FIFA Gianni Infantino le yena o nyatsitse se etsahetseng jwalo ka ha e bile e mong wa batho bs bileng teng papading eo.

“Diketsahalo tse bonweng ka sontaha papading ya makgaolakgang dilokela ho tshwelwa ka mathe,” ho realo Infantino.

“Ke lebeletse hore CAF e nke mehato e lokelang ya boitshwaro.”

BALA HAPE: Senegal ke bompudi ba batjha ba tlhodisano ya Afrika