Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Marie-Louise Eta e ba mosadi wa pele ho kwetlisa banna papading ya bolo

Sebapadi sa mehleng sa papadi ya bolo seo ha jwale e leng mokwetlisi Marie-Louise Eta, se entse nalane ka hoba mokwetlisi wa pele wa mosadi ho kwetlisa sehlopha sa banna.

Eta, o fihleletse tumellano le sehlopha sa 1. FC Union Berlin hoba mokwetlisi wa nakwana [interim coach] ka mora hore sehlopha se nyaole mokwetlisi Steffen Baumgart ka tshebetso e sa kgahlising.

FC Union Berlin le Eta ba entse selekane sa hore Eta o tla kwetlisa sehlopha sa basadi ha sehla setlang se qala, empa ha jwalo o tla tswa a sa tshwere sehlopheng sa banna bakeng sa dipapadi tse setseng.

    Tumellano ena ke ya mofuta wa yona wa pele moo mosadi a tla kwetlisa sehlopha sa banna jwalo ka ha banna ba kwetlisa dihlopha tsa basadi le ho bapala karolo e kgolo dipapading tsa basadi.

    Eta ya dilemo di 34, o sebeditse jwalo ka mokwetkisi ho u19 ya banna pele e ba motlatsa mokwetlisi ka 2023 hona sehlopheng sa Union Berlin e leng motsamao o ileng wa makatsa batho mme kajeno o tla sebeta e le yena mokwetlisi

    “Ke leboha hore sehlopha se ntshepetse phepetso e kgolo e ka pela ka. E nngwe ya ntho tseo sehlopha se tsejwang ka yona ke ho lwana diphepetsong tsa mofuta ona,” ho realo Eta.

    Tebello e tlaba kgolo ho bona hore mokwetlisi enwa wa pele wa mosadi sehlopheng sa banna o sebetsa jwang ho thusa sehlopha se boemong ba 11 ho nyolehela dhlopheng tse ka hodimo tafoleng ya dihlopha naheng ya Germany [Bundesliga].

    BALA HAPE: Chiefs e kenya manala boemong ba boraro le ho fokotsa sekgeo sa Pirates