
Zwane o babatsa ditlabotjha tse pedi sehlopheng
Mokwetlisi wa sehlopha sa Amazulu Arthur Zwane, o babaditse ditlabotjha tse pedi sehlopheng ka hore ditlisa boleng.
Liam Bern le Langelihle Mhlongo ba hlalositse jwalo ka dibapadi tse hlwahlwa [top-class players] ke mokwetlisi wa bona ya dumelang batla thusa sehlopha.
Bern ya dilemo di 22 o tekenwe ha sehla se qala ho tswa ho Cape Town Spurs empa a se bapale ka lebaka la nyewe ya ho tsamaya mahala.
Mhlongo ya dilemo di 24, le yena o fihlile sehlopheng mahala ha sehla se qala ka mora ho arohana le Richards Bay. Zwane, o buile tse ntle fela ka bobedi bona le ha e le hona Bern a tla qala go bapala.
“Ke dibapadi tse hlwahlwa. Re ba batlile pejana empa rase bafumane. Re thabetse hore ha jwale ba teng,” ho realo Zwane.
“Batlo tlisa boleng sehlopheng hobane ke dibapadi tse nang le boleng.”
AmaZulu e se e bapetse dipapadi tse 11 mme e hlotse tse 5, ya hlolwa ho tse tharo le ho bapala maleka ho tse 3.
Zwane o hlalositse ha a sa thabiswa ke dipapadi tseo ba lahlehetsweng ke tsona le ha sehlopha se sa qala hampe ha kalo.
“Hona le dipapadi tseo rene re lokela ho dihapa le ho bapala hantle, haholo moo re hlabileng ntlha pele empa be resa hlole. Ne resa lokela ho hlolwa ke Polokwane City lapeng.”
“Re batla ho hapa dipapadi tse tharo tsa ho qetela pele ho kgefutso.”
Ka moqebelo AmaZulu e tla nkana le Siwelele FC, beke e tlang hape ka moqebelo [28 Pudungwane] ba bapale le Richards Bay mme papadi ya ho qetela e be kgahlano le Golden Arrows ka la 03 Tshitwe.
BALA HAPE: Masilela o lepa bokamoso ba Sirino ho Chiefs
