Bolo ya maoto

Sundowns e hlola nyewe kgahlano le Mosimane

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se hlola nyewe eo ba neng ba e hlahletse kgahlano le mokwetlisi wa bona wa mehleng, Pitso Mosimane.

Sundowns e ne e tseka ha Mosimane a lokela ho ba lefa tjhelete eo ba ileng ba molefa yona ka nako eo e ne e le mokwetlisi wa bona ka ha a ile a tsamaya dikgwedi tse nne fela a kene tumellanong ya dilemo tse nne le bona.

Sundowns e ne e tseka ha Mosimane a lokela ho lefa R7.9 million (agents’ commission fees) ka lebaka la ho nyahlatsa tumellano kgerehla.

Ho ya ka SABC Sport, Moahlodi Shaanaz Mia wa South Gauteng High Court, o dihile kahlolo ya hore Mosimane o lokela ho lefa tjhelete eo le moropotso wa 7% (interest) ya selemo le selemo ho tloha ka la 10 Motsheanong 2021.

MT Sports, tsasa Moira Tlhagale eo e leng moemedi wa Mosimane bolong e boetse e le mofumahadi wa hae, o ne a se kile a etsa kopo ya hore nyewe ena e tshware ke DRC ya PSL empa Mia a hlalosa ha lekgotla le phahameng le na le matla a ho e tshwara.

Boemedi ba molao ba Mosimane tlasa Mabuza Attorneys, bo hlalositse ha qeto eo e fosahetse mme batla ipiletsa kgahlano le yona.

Mosimane, o ntse a sena sehlopha ka mora ho arohana le sehlopha sa hae sa Iran sa Esteghlal ka Pherekgong.

BALA HAPE: sundowns-e-batla-mudau-a-dule