Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Zungu o haufi le ho kena ditumellanong le sehlopha sa India

Sebapadi sa mehleng sa Mamelodi Sundowns le Rangers Bongani Zungu, o kene ditumellano le sehlopha sa naha ya India.

Ho ya ka SABC Sport, Zungu o haufi haholo le ho kena ditumellano le sehlopha sa Malappuram FC ka mora karohano ya hae le AmaZulu. 

Zungu ya dilemo di 33 o hahlautse le Europe moo a bapetseng dinaheng tse jwalo la France, Portugal le Scotland moo a kwetlisitseng ke Steven Gerrard.

BALA: Gustavo Poyet o amahangwa le mosebetsi wa ho kwetlisa Bafana Bafana

Sebapadi sena se kgutletse lapeng moo a bapalletseng Sundowns le AmaZulu pele ho karolo ya bona mafelong a sehla se fitileng.

Sehlopha sena sa Malappuram, se dumela ha Zungu a ka bapala karolo e kgolo sehlopheng sa bona ho fihlella tse ding tsa ditoro tsa bona.

E bang tsohle ditsamaya hantle, Zungu e tlaba karolo ya dibapadi tse sa feteng 10 tse Afrika Borwa ho bapala naheng ya India.

BALA: Miguel o ntsha maikutlo ka hoba karolo ya sehlopha sa naha