Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mofokeng o hlalosa mantswe a Broos pele a kena ka lebaleng

Sebapadi sa Orlando Pirates se hlaselang sehlopheng sa naha Relebohile Mofokeng, o hlalositse mantswe a mokwetlisi pele a mo kenya ka lebaleng.

Mofokeng o kene ka lebaleng a tswa bankeng karolong ya bobedi ya papadi mme ho kena ha hae ho bile le karolo e kgolo mmapalong wa sehlopha.

Mofokeng o hlalositse ha Broos a mo jwetsitse hore e be yena a bapele le ho natefelwa.

“Ditaelo tsa mokwetlisi e bile hore ke bapale ka mora dibapadi tse tshireletsang (Defensive midfielders),” ho realo Mofokeng.

BALA: Mokoena o kgutlisa tshepo ya ho fetela pele ka ntlha

Sebapadi sena se fetotse sebopeho sa papadi moo Afrika Borwa e neng e se e kgona ho hlasela ka matla le ho kenya Czechia tlasa kgatello.

“Re bapetse hantle karolong ya bobedi ya papadi le ho kenya kgatello.”

Mofokeng o hlalositse ha mantswe a Broos a bile makgutlwane le ho totobala.

“E bile papadi yaka ya pele ya mohope wa lefatshe, mokwetlisi o itse ke be le boitshepo.”

“Ke boemo bo hodimo ba dipapadi bo hlokang hore o be le boitshepo le ho bapala ka tsohle.”

Papadi e latelang ya sehlopha e tlaba ka la 25 Phupjane mme e tla bapala ka 03:00 mesong ka nako ya Afrika Borwa.

BALA: Mokwetlisi wa Bafana Bafana o tletse tshepo le tumelo