Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokoena o kgutlisa tshepo ya ho fetela pele ka ntlha

Ntlha ya Teboho Mokoena e keneng e ke thaho ya mokoko, e kgutlisitse tshepo ya ma’Afrika Boroa ya ho fetela mokgahlelong o latelang.

Afrika Boroa e bapetse maleka a 1 – 1 le naha ya Czechia papading ya bobedi ya mohope wa lefatshe motsemoholo Atlanta, America.

Sehlopha se kene papading ena sele tlasa kgatelo ka mora papadi e sa kgahlising moo ba bileng ba fumana dikarete tse pedi tse kgubedu.

Bafana Bafana ba qadile papadi ka lewa le fapaneng le papadi ya pele. Dibapadi tse hlaselang, Oswin Appollis le Thapelo Maseko, ba qadile le papadi sebakeng sa dibapadi tse tshireletsang.

Le ha hole jwalo, Czechia e fumane ntlha ya bona metsotso e qalang ya papadi ho thatafaletsa Afrika Boroa mosebetsi.

Papading e lebile kgefutsong ka 1 – 0 mme karolong ya bobedi Afrika Boroa e kgutlile e le mahlahahlaha ka mora hore Relebohile Mofokeng a kene ka lebaleng.

Maseko, o fumanetse sehlopha thaho ya mokoko ka mora hore sebapadi sa Czechia se thetse bolo ka letsoho mme Mokoena a hlaba mokoko ho lekanya dintlha (1 – 1).

Sehlopha setla bapala papadi ya ho qetela kgahlano le South Korea mme ba hloka ho hlola papadi eo ho fetela mokgahlelong o latelang.

BALA: Pirates e fapanyetsana le Stellies ka sebapadi ho fumana tse pedi