
Mokaptene wa New Zealand ha bohlothe ke Di’Proteas
Mokaptene wa sehlopha setla thula thaba ka hlooho sa New Zealand Mitch Santner, o hlalositse ha a sokola boroko ke papadi eo batla e bapala.
New Zealand, e tla thulana le Afrika Boroa papading e tlang pele ho makgaolakgang (semifinals) ya pele ka laboraro thapama.
Santner, o hlalositse ha sehlopha seo batla thulana le sona e le mokoko o nala dithata o so lahlehelwa dipapading tseo ba seng ba dibapetse mme seo ke tlhoba boroko.
Santner o hlalositse ha bobedi Afrika Boroa le New Zealand, e le dinaha tse bileng haufi haholo le ho hapa mohope ona ka nako e fitileng.
“Ee, ke nahana hore mohlomong ke dihlopha tse pedi tse bileng haufi le katleho ka nako e telele. Rea tseba bohloko lwa ho lahlehelwa ke papadi ya makgaolakgang ya Afrika Borwa dilemong tse pedi tse fetileng [kgahlanong le India],” ho realo Santner.
“Ke nahana hape hore ba bapala krikete e ntle haholo, mme seo se bontshitswe tlhodisanong ena yohle – ke bona feela sehlopha se sa kang sa hlolwa.
Afrika Boroa, e hlotse New Zealand mokgahlelong wa pele wa papadi ka wicket tse 7 mme le nako e fitileng, Afrika Boroa e ile ya hlola ‘Black Caps’ mohopeng o fitileng wa lefatshe.
“Le rona re ntse re bapala krikete e ntle, kahoo ke taba ya hore ke mang ya tla hlaha ka matla ka letsatsi la hosane, le hore ke mang ya tla sekaseka maemo hantle ka ho fetisisa.
“Rona re tla tswela pele ka maikemisetso a ho ba beha tlasa kgatello maemong a fapaneng a papadi, mme le bona ba tla etsa se tshwanang ho rona.”
“Empa Afrika Borwa ke sehlopha se leka-lekaneng hantle, jwaloka ha re bone tlhodisanong ena yohle.”
Papadi ena etla bapala ka 15:30 ka nako ya Afrika Boroa motsemoholo Kolkata.
BALA HAPE: Di’Proteas diphethela mokgahlelo wa bobedi ka noto e hodimo
