Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mdaka o tswa puo ka mohope wa lefatshe Chile

Mokwetlisi wa sehlopha sa bahlankana ba dilemo dika tlase ho 20 (Amajita) Raymond Mdaka, o buile lekgetlo la pele ka mora ho kgutla mohopeng wa lefatshe pejana kgweding ena.

Mdaka o buile ha nako e nyane ya ho ikwetlisa le ho itukisetsa dipapadi tseo e bapetse karolo e kgolo ho tsweng ha bona ka pele.

Amajita e hlotswe ke naha ya Colombia dipapadi tsa mantshano (last 16) mme ba kgutletse lapeng beke e fitileng.

Mokwetlisi enwa ya seng a hapile mohope wa AFCON le sehlopha le ho isa sehlopha mohopeng wa lefatshe o hlalositse ha nako ya hae le sehlopha ebile thuto e monate.

“Bakeng sa ka ke boiphihlelo jwalo ka mokwetlisi boo ke tla dula ke bo kenya tsebong ya mosebetsi wa ka,” ho realo Mdaka.

Mdaka o boetse a phaela ka hore boitukiso bo lekaneng bo bohlokwa mohlala ke dihlopha tse ding tse bileng le nako ya ho itukisetsa.

“Ha o le maemong a jwalo mohlomong nako e lekaneng ya ho itukisetsa papadi tsa sebopeho se jwalo. Sheba dihlopha tse ding tse itukisetsa ho tlala seatla le ho fumana tshehetso e lekaneng.”

Mdaka o phethetse ka hore e bang sehlopha sene se fumane nako e lekane le tshehetso ho tswa botsamaising ba papadi ya bolo [SAFA] sehlopha se kabe se bapetseng betetshana ho feta ka moo ba entseng ka teng.

BALA HAPE: Bafana Bafana ba leba mohopeng wa lefatshe