
Machete: Ke rona ba tshwereng senotlolo sa hore ke mang a hapang sehla
Motlatsa mokwetlisi sehlopheng sa Orbit College Kabelo Machete, o hlalositse ha papadi ya bona kgahlano le Orlando Pirates, e tlaba ntwa e tlwtseng dintho tse ngata.
Machete o hlalositse ha e le bona ba ka laolang hore ke mang a hapa sehla dipakeng tsa Mamelodi Sundowns le Pirates eo batla bapala le yona ka moqebelo.
“Dibapadi dikgothetse hobane relo bapala le sehlopha se seholo papadi e tla kgaolakgang,” ho realo Machete.
“Re tshwere senotlolo sa hore ke mang a hapang sehla dipakeng tsa Sundowns le Pirates. Dibapadi diya tseba hore re tshwere senotlolo.”
Machete ya hlalositseng papadi ena jwalo ka ntwa ya David le Goliate le ha asa ama taba ya hore sehlopha se hloka ho hlola ho phema selepe ho dula bale ho Betway Premiership sehleng setlang.
BALA: Nkota o fetwa ke monyetla wa ho leba mohopeng wa lefatshe
Pirates e lokela ho hapa papadi ena ho hapa mohope wa Betway mme ha baka hlolwa kapa ho bapala ka ho lekana, Sundowns e tlaba bona bommpudi jwalo ka ha e le bona ba tshireletsang mohope.
“Ke pale ya David le Goliate. Kaofela re tseba pale ya David le Goliate mme rona re tshwere lejwe jwalo ka David. Ha re hloke majwe a mahlano, re hloka leleleng fela.”
Orbit e hloka hore dihlopha tseo e dutseng tlase le tsona [Marumo Gallants le Magesi] dihlolwe ha yona e hapa hotswa lerabeng la ho rengwa ke selepe.
Sehlopha se lebisitse papadi lebaleng la Mbombela ka mora ho hlolwa ke ho fumana lebala la Royal Bafokeng mme tebello ke hore lebala leo letla tlala batshehetsi ba Pirates.
Dipapadi kaofela ditla bapala ka 15:00 mme Sundowns le Polokwane City ke tsona fela tse seng diqetile ka dipapadi tsa bona tsa sehla.
