Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi wa Sundowns o re ho lekane ka lerata la batshehetsi

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o bonahetse a sa thaba ka mora hore sehlopha sa hae se hlole Gomora United FC papading ya Nedbank Cup.

Sundowns, e hlotse Gomora ka 2 – 1 papadi ya tse qalang ya mohope wa Nedbank mme mokwetlisi Cardoso o ne a sa kgotsofala ke lerata la batshehetsi.

Le ha Sundowns e hapile papadi, batshehetsi ba sehlopha bantse basa kgotsofalla tshebetso ya mokwetlisi mme ba ntse ba tswelapele ho bina hore Cardoso a tsamaye.

Ha arabela lerateng lena, Cardoso o hlalositse ha holekane ka lerata la hore a tsamaye sehlopheng.

“Motho eo le buang ka yena, ha wa lehodimong, motho eo o kwetlisitse tseo hoseng motho Afrika Boroa a ka nahanang ka tsona, jwale bontshang hlompho ho seo,” ho realo Cardoso.

“Letsatsi le leng ketla tsamaya, ha hona motho yatla nsututsa jwale ntloheleng ke etse mosebetsi.”

Cardoso ya neng a luluma ke bohale, o lepile ha hona le setho sa sehlopha se itseng se kopaneng le motsamaisi wa papadi le ha a sanya matsete ka ditaba tseo.

“Hare ka qala ho sebedisa VAR dipapadi, dintho dika fetoha hobane hona le diketsahalo tse belaetsang.”

“Kwano Afrika Boroa dintho diqala ho makatsa ha ditho tsa dihlopha dietela baletsaphala pele ho papadi. O e shebe, ke bone senepe.”

BALA HAPE: Stellies se tsoha mahlabeng ka batshireletsi ba sekola