
McCarthy o re ho hlola Bafana Bafana ke toro feela
Mokwetlisi wa naha ya Kenya e bile e le sebapadi sa mehleng sa Bafana Bafana Benni McCarthy, o hlalositse ha batshehetsi ba Kenya ba lebeletse hore a etse mohlolo kgahlano le Afrika Borwa.
McCarthy o buile sena ka nako eo matsatsi a papadi ya sehlopha sa hae le naha ya hae ya tswalo ditla thula papading ya maoto a mabedi tekong ya ho phunyeletsa mohopeng wa AFCON PAMOJA.
“Batho ba lebeletse hore ke hlole Bafana, ke hlole Morocco le Senegal. Ke ntho e thata haholo eo,” ho realo McCarthy.
“E ke ke ya kgonahala ho latela dibapadi tseo dihlopha tseo dinang le tsona, papadi ya bolo ka hara dinaha tseo le kwano ho rona Kenya.”
Kenya ke e nngwe ya dinaha tse tla amohela baeti le Tanzania le Uganda ka kopanelo.
Sehlopha sena se ntse se sa sebetse hantle dipapading tsa ho phunyeletsa le ha bana le monyetla wa ho phunyeletsa ka lebaka la ho amohela baeti.
McCarthy o bontshitse ha tiehiso ya papadi ya bolo ka hara Kenya e kaba le leng la mabaka a hore hobe thata ho hlola Afrika Borwa.
“Dipapadi tsa sehla kwano ha diso thakgohe. Ha hona le sebapadi se le seng se bapetseng papadi le ha e le nngwe.”
“Kantle ka kwana batho ke bakwetlisi empa ha o le ka hare o tla bona hore ho thata.”
Kenya e tla bapala dipapadi tse pedi kgahlano le Bafana Bafana kgwedi e tlang ya Mphalane.
BALA: Sundowns ha e tsebe letho ka kahlolo ya FIFA ho Ribeiro
