Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mosimane o tshireletsa Mbuthuma ditlhaselong tsa batshehetsi

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Pitso Mosimane, o tshireleditse mohlabadintlha wa Orlando Pirates Yanela Mbuthuma ka mora ho mobitsetsa sehlopheng.

Mosimane, o ne a arabela potsong ya moqolotsi wa ditaba ya hore e be Mbuthuma ke sebapadi sa boemong ba sehlopha sa naha.

“Ha kena taba le hore batho bare eng, hake tsebe le hore ke hobaneng ba mmitsa ka tsela eo,” ho realo Mosimane.

BALA: Chiefs e hlaselwa ke dikotsi ka nako e mahlonoko

“Ke sebapadi sa boemo ba naha, o hlaba dintlha mme o bonwe a hlaba dintlha. Mohlomong ke hobane ha hlabe dintlha hoya ka moo o lebeletseng ka teng.”

Mosimane o bitsitse dibapadi tse mmalwa ke sa kang tsa fumana monyetla ka nako ya Hugo Broos ho kenyeletsa Brooklyn Poggenpoel, Lebohang Maboe le Tashreeq Matthews.

BALA: Maboe o kgutlela sehlopheng sa naha ka mora dilemo tse hlano