Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sithole o ntsha maikutlo pele ho papadi kgahlano le South Korea

Sebapadi sa Afrika Boroa se sabang le papadi e ntle kgahlano le Mexico, se hlalositse ha se batla ho sebetsa hantle papading e latelang.

Siphephelo Sithole ya boneng karete e kgubedu le ho fetwa ke papadi kgahlano le Czechia, o hlalositse ha ntho ya bohlokwa e le ho hapa papadi kgahlano le South Korea.

“Haho bohlokwa hore retla hopolwa jwang, taba ya bohlokwa ke ho hapa papadi ya hosane [labone],” ho realo Sithole.

BALA: Durban e tsibisa mokwetlisi ho hlahlama Pitso Dladla

“Le nna ke batla ho bapala mokgahlelo o latelang. Ke lekgetlo la pele ke bapala mohope wa lefatshe mme kela ho qetela, ka hoo ke batla ho bapala hantle le ho atleha.”

Bafana Bafana batla bapala papadi eo ba tlamehileng maoto le matsoho ho e hapa ho fetela mokgahlelong o latelang [last 32].

Sithole o tlaba teng bakeng sa papadi mme e tlaba kgetho ya mokwetlisi ho kenya Sithole ho latela mawa a hae.

Papadi ena e tla bapala mesong ya labone ka 03:00 ka nako ya Afrika Borwa.

BALA: Al-Ettifaq e bontsha kgahleho sebapading sa Bafana Bafana le Sundowns