
Ntlha ya Lilepo e beha Amakhosi botleng lebelong la ho hapa sehla
Sehlopha se tswileng tjaro ya mabonwa sa Kaizer Chiefs, se hlotse Marumo Gallants ka 1 – 0 papading e neng e tonetswe mahlo e bapalletseng lebaleng la Dr Rantlai Molemela, Rockland bosiu ba laboraro.
Chiefs e kene papading ena ka moya o phahameng ka mora ho hlolela ZESCO United ya Zambia lapeng ka 1 – 0 e le papadi ya CAF Confederation Cup mafelong a fitileng a beke.
Amakhosi, ba entse diphetoho tse mmalwapapisong le sehlopha se qadileng kgahlano le ZESCO mafelo a beke mme le leng la mabaka e kaba taba ya ho phpmotsa dibapadi bakeng sa leoto la bobedi.
Le ha Chiefs e bile yona e neng e le tlasa kgatello bohlo ba nako, Marumo Gallants e bile le menyetla e mmalwa ya ho rahela mekwallong ya Chiefs le ho leka sethibathibane.
Papadi e lebile kgefutsong hose nko hotswa lemina mme ka mora kgefutso dihlopha ditswetse pele ho tsomana le ntlha ho ikgapela papadi le dintlha tse tharo.
Metsotso papadi e kgutlile kgefutsong, sebapadi sa Kaizer Chiefs Makabi Lilepo, o rahile makatole kgoro dikatilwe e le ha a hlabela Chiefs ntlha eo e bileng yona fela ntlha ya papadi.
Ntlha ya Lilepo, e nkile Chiefs le ho e beha boemong ba bobedi tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership e leng ka hodimo ho Orlando Pirates ka ntlha mme ka tlasa Mamelodi Sundowns ka ntlha tse pedi.
Chiefs e se e bapetse dipapadi tse 15 sehleng sena mme ya hlolwa ha nngwe, ya bapala maleka ha 6 le ho hapa dipapadi tse 8 mme e kgonne ho bokeletsa dintlha tse 30 e leng palo e ka tlase ka ditlha tse pedi fela papisong le dintlha tseo ba difumaneng sehla se fitileng kamora dipapadi tse 28.
BALA HAPE: Sebapadi sa Sundowns se hana ho tekena tumellano e ntjha
