Krikete

Mokaptene Bavuma o ntsha mabitso a dibapadi

Mokaptene wa sehlopha sa di’Proteas Themba Bavuma, o ntshitse mabitso a tse ding tsa dibapadi tse ka fumanang monyetla papadi ya pele ya letsatsi ka leng, One Day International (ODI).

Hoya ka SABC Sport, Bavuma o hlalositse ha a tla kena e le sebapadi sa boraro ha Aiden Makram le Ryan Rickelton batla kena pele ho yena.

Bavuma o hlalositse ha Dewald Brevis a kanna a fumana monyetla wa ho bapala papadi ya hae ya pele ya ODI.

Brevis o bile papadi e ntle mofuteng ya T20 moo a entseng lekgolo (125*) la hae la pele le 50 tse pedi papading tse pedi tsa ho qetela.

“Ho dula ho le monate ho ba le difahleho tse nyane sehlopheng,” ho realo Bavuma.

“Ho totobetse hore puo boholo ke Brevis, hobane o phamisitse setsoho le ho bontsha bokgoni.”

“Ke thabetse ho bona hore o tlo tlisa eng mofuteng ona wa papadi.”

Sebapadi se akgela Kwena Maphaka, o kenyeleditswe sehlopha ka mora papadi e ntle. Maphaka o dihile di’wicket tse 9 papading tsa T20 le ha Afrika Boroa e lahlehetswe.

Afrika Boroa e tla kena letotong la papadi tse tharo tsa letsatsi (ODI) kgahlano le Australia. Papadi ya pele e tla thakgoha hosane ka 06:30 hoseng ka nako ya Afrika Boroa.

BALA HAPE: afrika-boroa-e-hlotswe-ke-australia