
Pirates e tla tlatsa Amstel Arena lekgetlo la ho qetela ka moqebelo
Sehlopha se haufi haholo le ho nyolla mohope wa Betway Premiership sa Orlando Pirates, setla bapala papadi ya sona ya ho qetela ka pele batshehetsi ba diketekete.
Sena ka mora netefaletso e tswileng thapameng ya mantaha ya hore ditekete tsa papadi ya Pirates ya ho qetela ya lapeng, direkiswe kaofela.
Pirates ke sona sehlopha se tsheheditsweng ka ho fetisisa sehleng sena moo mabala a diapapdi tsa yona tse fapaneng, a bileng le botshehetsi bo fetang ba dihlopha tse ding.
BALA: TS Galaxy e ntsha Mamelodi Sundowns mejo ka hanong
Pirates e tla amohela Durban City ka moqebelo [16 Motsheanong] papading e mahlonoko eo sehlopha se tlam ehileng maoto le matsoho ho e hapa e bang ba batla ho qeta leqeme la bona la mohope wa sehla [league title].
E bang sehlopha seka hapa papadi ya moqebelo, setla hapa mohope wa Betway Premiership ka papadi ka letsohong.
Sena ka mora hore Mamelodi Sundowns e hlolwe ke ho ho hapa papadi ya bona ya ho qetela kgahlano le TS Galaxy bosiung ba labobedi.
Pirates e tla lekana le Sundowns ka dintlha [points] empa dintlha tseo sehlopha dise hlabileng [goals] ke tsona tsetla thusa sehlopha ho etsa nalane ka mora dilemo.
BALA: Junior Khanye o bapisa sehla sa Ben Youssef, Kaze le Nabi
