Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Nam Dinh e arohana le sebapadi se seng hape sa Afrika Boroa

Ka mora tsibiso le phatlalatso ya ho arohana le Njabulo Blom ya sa bapalang sehlopheng, Nam Dinh e arohana le sebapadi se seng hape sa Afrika Boroa.

Sebapadi sa mehleng sa Mamelodi Sundowns le Al Ahly Percy Tau, o arohane le sehlopha sena sa Vietnam dihora fela ka mora hore sehlopha se tsibise ka karohano ya sona le Blom.

Tau, o bapetse dipapadi tse 22 sehlopheng, a hlabela sehlopha ntlha e le nngwe le ho thusetsa dintlheng tse 4.

22 Matches
4 Assists
1 Goal

BALA: Blom o arohana le sehlopha sa hae sa Vietnam

Tau ya dilemo di 32, o fetowe ke dipapadi tse pedi tsa moraorao sehlopheng tseo sehlopha se lahlehetsweng ho tsona.

Tau le Blom, e ne e le bona dipapadi tsa boleng bo hodimo ka ho fitisisa Vietnam ho latela boleng ba papadi ya bolo naheng eo.

Ka bobedi dibapadi tsena dihloka dihlopha ha jwale mme baka tekenwa ke dihlopha tsohle tse hlokang ditshebeletso tsa bona.

BALA: Hobaneng papadi ya Pirates le Orbit e le kgolo dihlopheng ka bobedi?