Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o kgutsufatsa sehlopha le ho ntsha maikutlo

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o tlerotse fela a sa lobe letho ka papadi ya dihlopha ho Betway Premiership jwalo ka ha a ne a kgutsufatsa lenane la sehlopha.

Broos o fanne ka lenane la dibapadi tse kgutsufaditswe (23) tse tla bapala dipapadi tse matla tsa ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe.

Orlando Pirates le Mamelodi Sundowns, di dihula pele ka dibapadi tse ngata sehlopheng sa naha (8) sehlophang ka seng.

Sehlopha sa Kaizer Chiefs, Stellenbosch, Sekhukhune le tse ding, ha dina dibapadi sehlopheng le ha palong ya 45, hone ho na le dibapadi tsa bona.

Broos o hlalositse ha a tla sehollwa ka tsela eo a kgethang sehlopha ka yona empa a tla tsitlalla diqetong tsa hae le ha hole jwalo.

Letswallwa lena la Belgium le hlalositse ha le dumela hore Chiefs entse e sa bapale hantle mme a hlalosa le ha Sundowns e ile ya lahlehelwa ke morethetho.

“Batho batla nkwatela empa Chiefs e ntse e sa bapala hantle mme Pirates e kapile mollo ke ka hoo Sundowns e se e sa hlole e hateletse.”

Broos o hlalositse ha le yena a iketsetsa lenane la hae la dibapadi tse nang le dikarete.

“Le nna ke na le lenane la dibapadi tse nang le dikarete hobane re utlwile ka letlalo. Wa bona hana jwale, Siya Ngezana hayo hobane o na le dikarete (suspended).”

Mokwetlisi enwa le mothusi wa hae, Helman Mkhalele, bane bale papadi ya Chiefs le Amazulu mme o tshwaetse ka hore Chiefs ha ya bapala hantle.

“Mohlomong re sheba papadi ka ho fapana, empa nna ha keya bona papadi e ntle maobane. Ke batla ho bona dipapadi tseo ho lwanwang le hoba thata.”

Bafana Bafana batla nkana le Zimbabwe le Rwanda dibeke tse tlang e le papadi tsa ho qetala tsa ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe.

BALA HAPE: Hugo Broos o tsibisitse lenane la masole a 45